Mantswe a reng, “O se ke wa ithorisa ka la hosasane,” ke kgopotso ya Modimo ya hore ho bohlokwa hore re se ke ra tjhetjhisa monyetla wa rona wa tlhohonolofatso ho fihlela hosane ho sa tsitsang. Ho ena le hoo, re tlameha ho arolelana lerato la rona le boabuti le boausi ba rona kajeno, re rapele kajeno, re bake diphoshong tsa rona kajeno, mme re bolele ditaba tsa pholoso kajeno.
Ho latela nalane ya leqhalaha la Kandake, mofumahadi wa Baethiopia, ya ileng a kolobetswa hang ha a utlwisisa nnete tseleng, le molebedi wa teronko le ba ntlo ya hae, ba ileng ba kolobetswa hara bosiu ntle le ho emela mafube, Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme ba re rutile hore re ka pholosa lefatshe feela ka ho bolela evangeli ya selakane se setjha—ditaba tsa pholoso—ka motsotso oo re e hlokomelang.
O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife. MAELE 27:1
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy