Jesu ka boyena o beile mohlala wa ho pholosa batho sebeng ka ho ba ruta. O re file thomo ya ho ba basebetsi ba selakane se setjha, a re, “Pholosang lefatshe.” Ka hona, ha re a lokela ho tshwana le Esau, ya ileng a etsa seo a se batlang feela, empa re tshwane le Jakobo, ya ileng a qala ho etsa seo a neng a lokela ho se etsa. Ke ka tsela eo feela re ka fumanang mahlohonolo ao Modimo a fanang ka wona.
Sephetho sa ba etsang seo ba lokelang ho se etsa kgahlanong le ba sa se etsang ke phapang pakeng tsa mmuso wa lehodimo le dihele. Feela jwalokaha mosebetsi o makatsang wa Moya o Halalelang o ne o dula o ena le baapostola ba phetseng bophelo ba ho bolela jwalo ka Jesu, mosebetsi wa rona jwale ke ho phatlalatsa pholoso ya Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme.
Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa. 2 BAKORINTHE 3:6
A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.” MAREKA 1:38
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy