Bibele ha se tshomo; ke lentswe la bophelo le tswang ho Modimo, le tiisetsang bokamoso ba moloko wa batho. Ka boporofeta bo filweng Daniele mabapi le ho phahama le ho wa ha mebuso ka mora Mmuso wa Babylona, tlhaloso ya potoloho ya metsi le dinnete tsa saense tse kang lefatshe le leketlileng sebakeng tse senoletsweng Jobo dilemong tse 3,500 tse fetileng, re ka tseba ka tieo hore Bibele ke lentswe la Modimo.
Moapostola Johanne o bone bahalaledi ba neng ba tla pholoswa—bao mabitso a bona a neng a ngotswe ho buka ya bophelo ya Konyana. Kajeno, ditho tsa Kereke ya Modimo, tseo mabitso a tsona a ngotsweng ho buka ya bophelo jwalo ka ha Moapostola Johanne a bone esale pele, di phethahatsa boporofeta, di susumeditswe ka botebo ke khanya ya ka ho sa feleng eo di tla e thabela ho mmuso wa lehodimo.
Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.’ Daniele 7:18
Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla. Tshenolo 22:5
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy