Modimo o khethile letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa ya khalendara e halalelang e le Mokete wa Diterompeta e le hore re hopole Letsatsi la Tefelo ya Sebe, re hopole nako eo a ileng a tshwarela dibe tsa Baiseraele ba neng ba wetse borapeling ba ditshwantsho mme a ba fa sete ya bobeli ya melao e leshome. Ho feta moo, feela jwalokaha diterompeta di ne di letswa Moketeng wa Diterompeta ho ipiletsa pakong, Jesu le yena o ile a tla lefatsheng lena mme a khothaletsa batho ho baka, a re, “Bakang.”
Jwalo ka ha re ka bona Papisong ya Mora ya Lehlaswa le tlalehong ya Jonase a etella pele batho ba 120,000 Ninive ho ya pholosong, mahlohonolo a maholo a tswang ho Modimo a dula a lokiswa kamora mosebetsi wa pako. Kajeno le rona re tlameha ho finyella pako e feletseng—jwaloka Jonase—bakeng sa mahlo le dipelo tseo re di retelehetseng lefatsheng, mme re letse terompeta, re bitsa lefatshe lohle hore le kgutlele ho Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme.
“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.
“Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy