Ba dumelang ho Modimo ba lokela ho keteka Mokete wa Maphephe ho ya ka dithuto tsa Modimo. Hobane Modimo o itse ka moporofeta Sakariya hore o tla fana ka Moya o Halalelang ho ba bolokang Mokete wa Maphephe le ho tlisa kotlo ho ba sa e keng ba e keteke.
Ha a tla la pele, Jesu o fane ka Moya o Halalelang; ha a tla la bobedi, Moya le Monyaduwa ba fana ka Moya o Halalelang Moketeng wa Maphephe. Boporofeta ba Bibele, “Moya le Monyaduwa ba fana ka metsi a bophelo,” “Metsi a phelang a tla phalla ho tswa Jerusalema,” le “Noka ya metsi a bophelo e phalla e tswa teroneng ya Modimo” bo bolela esale pele hore Jerusalema Mme wa Mahodimong o tla fana ka Moya o Halalelang le dithuto tse isang bophelong.
Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi. Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re... Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.” A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela... JOHANNE 7:2–39
Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela. TSHENOLO 22:17
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy