Feela joalokaha Modimo a ile a sebedisa molamu wa modisa ho arola Lewatle le Lefubelu le ho etsa hore liliba tsa metsi li phalle lefikeng, ntho leha e le efe e letsohong la Modimo kamehla e fana ka matla a maholo.
Kajeno, Kereke ya Modimo, e amohetseng thomo ya ho bolela evangeli Samaria le ho isa dipheletsong tsa lefatshe, e phethahatsa evangeli ya lefatshe lohle ka matla a Modimo, eseng feela ka boiteko ba motho ka mong.
Jwalo ka Samsone ya ileng a hlola Bafilista ba sekete ka lehlaka la tonki, jwaloka moshanyana Davida ya ileng a lwana kgahlano le senatla Goliathe, le jwaloka Petrose, Johanne, le Jakobo bao e neng e le batshwasi ba ditlhapi, mehleng ena, ba dumelang ho Kreste Ahnsahnghong le ho Modimo Mma le tshepo ya Mmuso wa Mahodimo ba etsa nalane e kgolo.
Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla. . . . hore ho tle ho se ke ha eba nama, leha e le nngwe, e ithorisang pela wona. 1 Bakorinthe 1:26–29
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy