Mongwaheng wa Moya o Halalelang, Modimo o ile a porofeta ka Bibeleng hore ho tla ba le ntwa e kgolo ya semoya mahareng a Mosadi le bana bohle ba Hae le Satane le balatedi ba hae. Ha Modimo a arola ba tla pholosoa ho ba ke keng ba pholosoa, feela ka ho ema lehlakoreng la Mosadi, eo e leng Modimo Mme, re ka hlola ntwa e kgolo ya moya mme ra fumana tlhohonolofatso ya pholoso.
Modimo Ahnsahnghong o re tsebise ka ho hlaka hore Modimo Mme o teng ka tsamaiso ya lelapa ya lefatshe le tshebetso ya popo ya Eva le hore ditho tsa Kereke ya Modimo, bana ba bang kaofela ba Mosadi, ba lokela ho bolela kganya ya Mme Jerusalema lefatsheng.
Drakone ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu. Yaba e ilo ema lebopong la lewatle. . . . Tshenelo 12:17–13:1
“Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa, Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso!” Esaya 62:6–7
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy