Modimo o bopile ba nang le boahi ba lehodimo ka dipelo tse ananelang Sabatha, Paseka le mekete e supa ka makgetlo a mararo e le hore ba ka boloka melao ya Hae. Ka hona, ho bohle ba bitsang Modimo ka melomo ya bona empa ba latela molao wa modimo wa letsatsi ho ena le molao wa Modimo, O ba lemosa ka sebe sa bona, ka ho re: “Ha ke le tsebe.”
Leha lefatshe lohle le ka fetoha, ntho e le nngwe e sa fetoheng ke molao wa Modimo. Jesu o ile a boloka Paseka dilemong tse 2,000 tse fetileng, mme Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme le bona ba e bolokile mehleng ya Moya o Halalelang. Ho latela mohlala wa bona ka ho boloka Paseka ke tumelo e nepahetseng, e itshetlehileng hodima Modimo.
“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ” MATHEU 7:21–23
Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae. DIPALO 9:13
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy