Noe o ile a dumela hore Modimo o tla mo hlohonolofatsa le hoja a ile a jeoa ke bolutu ha a ntse a haha areka ka nako e telele. Moshe o ile a khetha ho utlwa bohloko le batho ba Modimo ho ena le ho thabela kganya ya hae e le khosana ya Egepeta. Moapostola Pauluse o ile a thabela monyetla wa ho fana ka 'Muso wa Mahodimo ho batho, ho sa tsotellehe mathata a mangata. Ka ho tshwana, ditho tsa Kereke ya Modimo ka thabo di tsamaya tseleng ya tumelo, di jere difapano tsa tsona.
'Mme wa Mahodimo o lula a re hopotsa, "Na ha re na tshepo bakeng sa 'Muso wa Mahodimo?" Ka hona, ebang ke bahalaledi kapa basebeletsi ba boruti ba sebetsang ka pele, e mong le e mong o lokela ho sheba mahlohonolo a 'Muso wa Mahodimo a lokiselwang ka nqane ho ditshitiso tse senolehang ka pela mahlo a rona ha re ntse re jara difapano tsa rona.
a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso. Baheberu 11:26
Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela. Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo. . . . ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena. Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona. Baroma 8:13–18
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy