Feela jwalokaha Siruse, morena wa Persia, a ile a sibolla boporofeta bo buang ka yena ka Bibeleng mme a susumetswa hoo a ileng a lokolla Baiseraele botlamuweng mme a haha tempele Jerusalema, le rona re lokela ho dumela boporofeta bo tlalehilweng ka Bibeleng. Re tletse thabo e tebileng e tshwanang le ya Siruse, re tlameha ho bolela evangeli eo Modimo a re laetseng yona ka dipelo tsohle tsa rona le ka meya yohle ya rona.
Jwalo ka ha Jesu a rutile ka Papiso ya Dimina tse Leshome, O tshepisitse bokamoso bo kganyang ho ba tshabang lentswe la Modimo: ba tla busa le Modimo ka ho sa feleng, ba natefelwa ke kganya e sa feleng mmusong wa mahodimo—sebaka seo ho sona ho ke keng ha hlola ho eba le lefu, kapa mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko.
Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo. . . .O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.” Tshenolo 21:1–4
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy