Jwalokaha ho ngotswe, “bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa,” mme jwalokaha Jesu a boletse, “Haeba motho a rata ho ntshala morao . . . a jare sefapano sa hae . . . mme a ntatele,” motsotso o mokgutshwanyane wa mahlomola o tlameha ho latela maphelo a bohle ba phelang bakeng sa tlotla ya mmuso wa mahodimo.
Esau le Judase Iskariota ba ile ba phela ho ya ka nama, ba phehella menyaka ya sebe, mme qetellong ba lahlehelwa ke mahlohonolo a mmuso wa lehodimo. Leha ho le jwalo, Moshe, Jakobo, Daniele le metswalle ya hae e meraro ba ile ba hlola mathata ka ho nka menyaka ya lehodimo e le ya bohlokwa haholo. Ka ho tshwanang, ditho tsa Kereke ya Modimo di beha tshepo ya tsona menyakeng ya lehodimo e tshepisitsweng ke Modimo, di inehela ho boleleng ditlhohonolofatso tsa letsatsi la Sabatha la selakane se setjha le Paseka, feela jwalokaha a laetse.
Ka tumelo ha Moshe a se a hodile, o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro; a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana. A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso. Baheberu 11:24–26
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy