Katleho kapa ho hloleha ha mosebetsi oa evangeli ho itšetlehile ka hore na tumelo ea rona ho Molimo e matla hakae. Feela joalokaha Molimo a re bontšitse lintoeng tsa mehleng ea Gideone le Joshua, bao tumelo ea bona e sisinngoang ke tikoloho le maemo a bona ba qheletsoe ka thoko lebothong la Molimo, 'me ke ba nang le tumelo e tiileng ho Molimo feela ba sebelisoang ho ngola nalane ea tlhōlo.
Molimo o tataisitse mehla e meng le e meng ka tsela eo ho seng motho ea ka e nahanang. Esita le mehleng ea Moea o Halalelang, ha re lumela ka botlalo mantsoe a Kreste Ahnsahnghong le Molimo Mme, “Pholosa lefatše,” re tla phethahatsa thomo ea lebotho la leholimo, e leng ho phethela evangeli ea 'muso.
O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu. Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng. 2 Timothea 2:3–4
Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.” Mattheu 28:18–20
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy