Nakong ya ho falla ha Baiseraele, dikoluoa di ile tsa wela Egepeta yohle, empa ha ho dikoluoa tse ileng tsa wela Baiseraele. Ena e ne e le phapang e nepahetseng pakeng tsa sebaka se nang le selekane sa Modimo le sebaka se se nang sona. Modimo o fane ka tshepiso e kgolo ya hore kae kapa kae moo taelo ya Hae—Paseka ya selekane se setjha—e bolokwang teng, batho ba Hae ba tla hlohonolofatswa ha ba kena mme ba hlohonolofatswe ha ba tswa, mme O tla ba phahamisa ka hodima ditjhaba tsohle lefatsheng.
Baporofeta Esaia, Sofonia le Petrose ba paka hore koluoa e kgolo ya mollo e tla tla lefatsheng lena hobane lefatshe ha le boloke selekane se setjha, se kenyeletsang letsatsi la Sabatha la Modimo le Paseka. Bibele e paka hore ke ka ho boloka selekane sa Modimo feela moo batho ba ka bang bana ba Ntate Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme le ho fumana tshireletso ya Modimo dikoluoeng tsohle.
“Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe. Mahlohonolo ana wohle e tla ba a hao, a o aparele, hobane o tla be o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao: ... “O tla hlohonolofatswa ha o kena, o hlohonolofatswe ha o etswa. Deuteronoma 28:1–6
“Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’ Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka. Jeremia 16:10–11
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy