Kaha dibuka tse 66 tsa Bibele di fupere tsela ya ho tla ho Mopholosi le bohlale ba ho lemoha nnete le leshano, Modimo o re lemosa hore re se ke ra eketsa kapa ra fokotsa letho ka Bibeleng, empa re latele feela ho ya ka mantswe a Modimo. Dilemong tse dikete tse pedi tse fetileng, Jesu a le mong o ile a howa, "Tloong ho nna ho amohela metsi a bophelo," empa O re rutile hore jwale re lokela ho tla ho Moya le Monyaduwa ho amohela metsi a bophelo le ho fumana bophelo bo sa feleng.
Esaya o porofetile hore Modimo o tla isa bana ba Hae sedibeng sa metsi a phelang, mme Modimo Ahnsahnghong, Moya o Halalelang, o phethileng diporofeto tsohle tsa Bibele, o lebisitse batho ho Mme wa Mahodimong Jerusalema, Monyaduwa wa Moya o Halalelang le mohlodi wa metsi a bophelo.
Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela. Tshenelo 22:17
Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; . . . Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba ts e kollang. Esaya 49:8–10
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy