Ha bana ba Modimo ba fetoha letswai le lesedi la lefatshe ho ya ka dithuto tsa Modimo, ba bontsha kganya ya Modimo ka diketso tsa bona tse ntle, mme ba lebisa batho ho Modimo ka nnete ya selekane se setjha, Modimo o tla thaba mme a ba fe ditlhohonolofatso tse kgaphatsehang letsatsing leo ba emang ka pela Hae.
Haeba re amohetse Kreste Ahnsahnghong le Jerusalema Mme wa Mahodimong mehleng ya Moya o Halalelang, ho tloha jwale ho ya pele, re tlameha ho lahla mekgwa e mebe eo re ithutileng yona lefatsheng mme re apare botho bo botjha jwalo ka Bakreste. Ha lefatshe lena le ntse le lahlehelwa ke bomodimo ba lona haholoanyane mme le fetoha le kgopo, re lokela ho hlokomela hore letsatsi la kahlolo ya Modimo le haufi, jwalo ka mehleng ya Noe le Lota, mme re phele maphelo a bomodimo haholoanyane.
Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang. Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng. Baroma 12:1–2
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy